Ntlwana ya Mekoti e
Mmedi ya Kenomoya e
Ntlafaditsweng
Metheo ya tshebetso e a tshwana le ya ntlwana ya VIP. Ho sebediswa mokoti o le mong mme o tlatswe ho fihla ho halofo ya mitara ho bokahodimo. Mekoti ya ho ithoma le ya kenomoya e ba e kwalwa ka botlalo mme ho sebediswa mokoti o mong. Dikahare tsa mokoti wa pele di a epollwa ka mora nako e ka bang dilemo tse pedi bonyane, ha di se di se kotsi haholo. Tjhelete ya thekiso: R2 500-R4 500 ho itshetlehilwe ho se kengwang ke monga lelapa. Ditjeo tsa tshebetso:
R35-R135 dilemo tse ding le tse ding tse pedi ho itshetlehile ka seabo sa mmuso wa masepala, maikemisetso a monga lelapa a ho tshwarahana le tsa mantle, dikgetho tsa ho qhalwa.
Kenomoya e
Mantle a wela mokoting moo tse bolang di bolang teng mme mekedikedi e monyela mobung o ka thoko. Phallo e tswelang pele ya moya ka marulelo le ka peipi ya kenyomoya e tebela maphoka mme e lokolla dikgase ho tswa mme di kene sepakapakeng. Ka ho boloka bokahare bo le lefifi, dikokonyana tse kenang mokoting di hohelwa ke kganya e pheletsong ya peipi ya kenyomoya mme di tshwaswa ke sesireletsi kgahlanong le dintsintsi.
Tjhelete ya thekiso: e ka fapana ho tloha ho R600-R3 000, ho itshetlehilwe ho se kengwang ke monga lelapa le kgetho ya disebediswa. Ditjeo tsa tshebetso:
R60 haeba e qhalwa hang ka mora dilemo tse 5.
Peipi ya kenyomoya
Moya kenomoya
O ka atoloswa ho leba botlaseng ba mokoti maemong a mobu o mobe
Letlapa la ho kwahela
Sesireletsi kgahlanong le dintsintsi
Mokoti o epilweng ka matsoho kapa ka motjhine
Peipi ya kenyomoya
Moya kenomoya
Sesireletsi kgahlanong le dintsintsi
Tjhentjha setshehetsa-tankana le peipi ya kenyomoya ho tswa lehlakoreng le leng haeba di behetswe ho sebediswa
setulo
Letlapa la ho kwahela le ka suthiswang hore ho ka qhalwa tse ka hara mokoti
E na le mabotana mme lebotana le bohareng le kwetswe
Peipi ya kenyomoya
Moya (kenomoya)
Sekwahelo se bulehang
setulo
Ho fetolwa le ho tloswa ka matsoho ha mantle a entsweng moitedi
Peipi ya ho qhala moroto ho leba moo o monyelang teng kapa pitseng ya pokello
Sesireletsi kgahlanong le dintsintsi
Kgeloso ya moroto
Ntlwana ya ho etsa moitedi/ya dikgelosi tsa moroto
Tshila e kena tjhembareng mme dintho tse ommeng tse bolang tse monyang tse jwalo ka patsi, molora, jwang bo ommeng kapa meroho, di a kenyeletswa ka mora tshebediso e nngwe le e nngwe ho nkgisa mantle a bolang monate mmoho/kapa le ho laola mongobo le ho nolofatsa tshilo (ho etswa ha moitedi). Moroto o ka nna wa arolwa/kgeloswa ka tshebediso ya setshehetsa-
tankana se lokisitsweng ka ho ikgethang; sena se ka bokellwa le ho sebediswa jwalo ka manyoro.
Mekgweng ya komiso, kenomoya e kgothaletsa ho hwama ha mongobo. Tjhelete ya thekiso e fapanang ho itshetlehile ka mokgwa o sebediswang mmoho le seo monga lelapa a se kenyang: R3 000-R4 000 bakeng sa mekgwa ya kgwebo. Ditjeo tsa tshebetso: R35-R500 ho itshetlehile ka seabo sa mmuso wa masepala le ho ikemisetsa ha monga lelapa ho tshwarahana le tsa mantle, le mekgwa ya ho qhala.
Ntlwana ya tshela-o-
hulele
Ka mora ho ithoma lepane le hloka ho hulelwa ka dilitere tse mmalwa tsa metsi, mme metsi a setseng lepaneng a etsa sesireletsi kgahlanong le lephoka, dintsintsi le menwang.
Tjhelete ya thekiso: R2 000-R3
mme e ka nyoloha ha mobu e le o sa lokelang didreine.
Ditjeo tsa tshebetso: R150-
R300, ka selemo moo ho nang le didreine mobung o ka tlase.
Sekwahelo se bulehang
Tanka ya metsi e tlatswang ka letsoho kapa sebedisa setshelo se arohileng
Tanka e kwalehang ka thata
Tanka ya metsi e ka tlatswa ka matsoho
Monyediso ya mantle mokoti wa ho monya kapa foro ya dreine
Tshila e seretse
Mokedikedi
Bolele
Sekwahelo se bulehang
Moya (kenomoya)
Sesireletsi kgahlanong le dintsintsi
Peipi ya kenyomoya
Peipi e lebang tlase e bolokwang ka tlasa maemo a metsi
Sesidi
Ntlwana ya metsi le monyediso ya mantle
Ntlwana ya metsi e hloka hore e tshelwe metsi ho boloka botlase ba selomo bo kwahetswe ke metsi.
Pokello ya mantle e ka fapana ho tloha setshelo se kwetsweng ho ya ho mokgwa wa pokello ya dithata mmoho le wa monyediso ya tshila.
Tjhelete ya thekiso: R2 000-
R3 500, mme sena se ka nyoloha haeba mobu ha o a lokela didreine hantle.
Ditjeo tsa tshebetso: R150-
R300 ka selemo moo dreine ya mobu o ka tlase e leng teng.
Tanka ya dikgwerekgwere mmoho le monyediso ya mantle
Mantle ho tswa ntlwaneng, mme ka kakaretso le metsi a ditshila a ka lapeng di hulelwa ho kena tjhembareng ya tshilo moo di dulang bonyane dihora tse 24 ho dumella hore di sebetswe le ho silwa hantle. Mekedikedi e sebeditsweng hanyenyane e ba e se e feta ho tswa tankeng mme e kene mokgweng wa dreine e mobung o ka tlase/mokgweng wa monyediso. Seretse se sitsweng se bokelleha butle-butle tankeng mme se hloka hore kgabahareng se tloswe ke tankara. Tjhelete ya thekiso: R7 000-R8 500. Ditjeo tsa tshebetso: R200-R450 ho itshetlehile hore ho qhalwa kgafetsa ho le hokae.
Jwalo ka tanka ya dikgwerekgwere le monyediso ya mantle, ntle feela le ntlha ya hore tshila e mokedikedi e thothwa ka mokgwa wa dipeipi tsa botenya bo bonyenyane ho leba ntlheng e tshwanang ya tshebetso ya tshila e ka nnang ya ba setsha sa tshebetso ya tshila se seng sebakeng seo se fihlellwang ka thothomantle e teng ha jwale kapa ka tankara. Tjhelete ya thekiso: e sedikadikweng seo ho fanweng ka sona sa ditheko tsa tanka ya dikgwerekgwere le mokgwa wa monyediso ya mantle, haeba tanka ya dikgwerekgwere e se e le teng, ho seng jwalo tjhelete ya thekiso e ba e hodingwana.
Ntlwana e hulelwang ka botlalo
Sekwahelo se bulehang
Tshila e seretse
Mokedikedi
Bolele
Sethothamantle sa lesoba le lenyenyane se lebang sethothamantleng se ka sehloohong se mmileng
Monyediso ya mantle mokoti wa ho monya kapa foro ya dreine
Tshebetso sebakeng sa ho kena
Tshebetso maemong a tlase
Tshebetso maemong a phahameng
Ho leba nokeng
Setsha sa tshebetso ya metsi a ditshila
Ho leba kgethong ya
A kapa B
Tshebetso maemong a hodingwana
Tanka ya poloko
Mantle a hulelwa tankeng moo a bolokwang a kgaohantswe le tikoloho e potapotileng pele a tloswa ka tankara bakeng sa ho lo sebetswa. Ditjeo di itshetleha ka boholo le hore ho qhalwa kgafetsa ho le hokae. Tjhelete ya thekiso: E qala ho R2 000-R5000 ho itshetlehile ka moaho o ka hodimo le boholo ba tanka. Ditjeo tsa tshebetso: R550 lelapa ka leng ka selemo (ho itshetlehile ka ditjeo tsa ho qhala tse etsang R181 tanka ka nngwe), ha ho nkuwa hore tanka e qhalwa ka palohare etsang makgetlo a 3 ka selemo.
Peipi ya kenyomoya
Sekwahelo se bulehang
Tanka e kwalehang ka thata
Mokedikedi
Tshila e seretse
Moya (kenomoya)
Sesireletsi kgahlanong le dintsintsi
Mantle ho tswa ntlwaneng, mohlomong le metsi a ditshila a lapeng, empa ka mothamo o tlase haholo ho wa thothomantle e tlwaelehileng, di hulelwa mokgweng wa thothomantle o sebakeng sona seo, mme butle-butle di hoholelwa setsheng sa tshebetso e keneletseng ya tshila kapa ho sethothamantle sa mmileng mme di fete ho leba setsheng se seholo sa tshebetso ya tshila. R2 500-R3 000. Ditjeo tsa tshebetso: R300-R450, ho itshetlehile ka se tlang ho kengwa ke monga lelapa.
Ntlwana e hulelwang tlase
Lebokose la tlhahlobo
Lebokose la mateano
Sethothamantle se tswang ha moahisane
Tshebetso maemong a tlase
Tshebetso maemong a phahameng
Ho leba nokeng
Setsha sa tshebetso ya metsi a ditshila
Tshebetso maemong a hodingwana
Tshebetso sebakeng sa ho kena
Mantle a tswang ntlwaneng mohlomong le metsi a ditshila a ka lapeng a hulelwa ka tshebediso ya mothamo o bonahalang wa metsi ho kena mokgweng wa thothomantle, hore a tloswe ho lebiswa setsheng sa ho a sebetsa, mme tsona ho na le mefuta e sehlotshwana ya tsona, e sebetsang tshila maemong a hodimo pele e lokollelwa tikolohong e nang le metsi. Tjhelete ya thekiso: R6 000-R7 000, ho elwa hloko ditjeo tsa boholo ba mothamo le tsa sethothamantle. Ditjeo tsa tshebetso: R400-R800 ka selemo.
Ntlwana e hulelwang ka botlalo
Terata ya moedi
Mmila
Lesobana la lere
Metsi a ditshila a ka lapeng
Tshebetso maemong a tlase
Tshebetso maemong a phahameng
Ho leba nokeng
Setsha sa tshebetso ya metsi a ditshila
Tshebetso maemong a hodingwana
Tshebetso sebakeng sa ho kena
Ke hobaneng dikgetho tsena di sa kgothaletswe?
Dikgetho tse sa kgothaletsweng tsa botekgeniki
Ntlwana ya dikhemikhale
Matlwana a bohle ka kopanelo
Ha di na tlhweko
Di theko e phahameng haholo
Ke tsa nakwana
